Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 9:22 - BIBELE

22 Leha leru le ne le ka kgurumetsa Tente ya Morena ka matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho feta moo, mme le itulela hodima Tente ya Morena, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba hlole diahelong, ba se ke ba tswela pele leetong. Empa ha leru le ne le phahama, ba ne ba ye ba tswele pele leetong.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ha leru le ne le dula hodima tabernakele matsatsi a mabedi, kapa kgwedi, kapa ho fetisa kgwedi, bana ba Iseraele ba ne ba hlola teng ba emisitse, ba sa tlohe; ha le ne le phahama, ba ne ba tloha.

Ver Capítulo Copiar




Numere 9:22
18 Referencias Cruzadas  

A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng, a ba isa motseng oo ba ka ahang ho wona.


Nthute ho phetha thato ya hao, hobane ke wena Modimo wa ka. Moya wa hao o motle o ke o ntsamaise, o ntsamaise tseleng e bataletseng.


Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela; ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.


elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re:


O ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o tla nkamohela ka tlotla.


Tsela ya hao ya tsamaya lewatleng, le tselana tsa hao hara bodiba; empa ha ho ya boneng mohlala wa hao.


Bana ba Iseraele ba ne ba entse mosebetsi wohle ho ya kamoo Morena a neng a laetse Moshe kateng.


Yaba Moshe o etsa tsohle ho ya kamoo Morena a neng a mo laetse kateng.


Bana ba Iseraele ba etsa jwalo; ba etsa tsohle jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Bo-Moshe, le Arone, le setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba etsa jwalo ho Balevi. Ho ya ka tsohle tseo Morena a neng a di laetse Moshe, malebana le Balevi, bana ba Iseraele ba etsa Balevi jwalo.


Ha leru le ne le phahama ho tloha hodima Tente, bana ba Iseraele ba ne ba ye ba tswele pele leetong, mme moo leru le theohelang hodima Tente ya Morena ha ba le hona teng, ebe bana ba Iseraele ba hloma hona teng.


Ka nako e nngwe leru le ne le ye le kgurumetse Tente ya Morena ho tloha ka phirimana ho isa hoseng; ere ha leru le phahama hoseng, ebe ba tswele pele leetong. Kapa haeba leru le phahama motsheare kapa bosiu, ebe ba tswela pele leetong.


Yare ha a ena le bona, a ba laela, a re: “Le se ke la ba la tloha Jerusalema, le mpe le emele seo le se tshepisitsweng ke Ntate, seo le se utlwileng ka nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos