Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 20:21 - BIBELE

21 Ka mokgwa o jwalo, Edomo a hanela Iseraele ho feta hara naha ya hae, mme Iseraele a mo pota kathoko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Edomo a hana jwalo ho dumella bana ba Iseraele ho feta naheng ya hae. Yaba Iseraele o a kgeloha.

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:21
10 Referencias Cruzadas  

“Ha bana ba Iseraele ba ne ba etswa Egepeta, o ne o ba laele hore ba se ke ba futuhela Baamone, le Bamoabe, le ditjhaba tse tswang thabeng ya Seire, mme ba fela ba ba kwekwetla, ba se ke ba ba timetsa.


Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho tshela moedi wa hae. A bokanya setjhaba sa hae kaofela, a tswa, a futuhela Baiseraele lehwatateng. A ya fihla Jahase, moo a ileng a lwana le Baiseraele teng.


Ho tloha thabeng ya Hore ba tsamaya ka tsela e yang Lewatleng la Lehlaka, hore ba kekolohe naha ya Edomo. Setjhaba sa fellwa ke mamello tseleng.


‘Re dumelle re fete hara naha ya hao. Re tla itsamaela feela ka mmila o moholo; ha re na ho kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.


Jwalokaha bana ba Esau ba ahileng Seire, le Bamoabe ba ahileng Are, ba ile ba re dumella ho feta, re dumelle re fete, re be re yo tshela Jorodane, re kene naheng eo Morena Modimo wa rona, a re neang yona.’


“O se ke wa nyonya Moedomo, hobane ke ngwaneno. O se ke wa nyonya Moegepeta, hobane o ne o le mojaki naheng ya habo.


Yaba Baiseraele ba romela maqosa ho kgosi ya Edomo, ba re ho yona: ‘Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao,’ empa kgosi ya Edomo ya se ke ya ba mamela. Ka mokgwa o jwalo ba romela maqosa le ho kgosi ya Moabe, le yona ya hana, mme Baiseraele ba hlola Kadeshe.


“Jwale ba tsamaya hara lehwatata, ba kekoloha naha ya Edomo, le naha ya Moabe, ba ya fihla ka botjhabela ho naha ya Moabe, ba hloma kamose wane ho Arenone. Empa ha ba a ka ba kena moeding wa Moabe, hobane Arenone e ne e le yona moedi wa Moabe.


Ruri seo modimo wa lona Kemoshe a le neileng sona ke sa lona; le rona re hapa naha ya e mong le e mong eo Morena Modimo wa rona, a mo lelekileng kapele ho rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos