“Ka borwa moedi o tla tloha Tamare o yo fihla metsing a Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, o yo fihla Lewatleng le Leholo. Ona e tla ba wona moedi o ka borwa.
“Moedi o ka borwa wa naha ya Gade o tla leba borwa ho tloha Tamare, ho ya fihla sedibeng sa Meriba-Kadeshe, o ikgohle ka naha ya Egepeta, ho ya fihla Lewatleng le Leholo.
Ba tsamaya, ba fihla ho Moshe, le ho Arone, le ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele, ba neng ba le lehwatateng la Parane e Kadeshe. Ba behela Moshe, le Arone, le setjhaba sohle ditaba, mme ba ba bontsha le ditholwana tsa naha eo.
Ka kgwedi ya pele setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa fihla lehwatateng la Sine, mme setjhaba sa emisa Kadeshe. Meriama a shwella hona moo, a ba a apelwa hona teng.
Re ile ra ipiletsa ho Morena. Morena o ile a re utlwa, mme a romela lengeloi, a re ntsha Egepeta. “ ‘Jwale re mona Kadeshe, e leng motseng o meeding ya naha ya hao.