Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 20:20 - BIBELE

20 Edomo a re: “Le ke ke la feta!” Edomo a tswa motseng, a ba futuhela ka banna ba bangata, ka sekgahla se seholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A fetola, a re: O ke ke wa ba wa feta. Jwale Edomo a tswa ho mo kgahlanyetsa ka batho ba bangata le ka letsoho le matla.

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:20
10 Referencias Cruzadas  

Jwale Esau a hloya Jakobo ka baka la tlhohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona. Esau a re ka pelong ya hae: “Matsatsi a bofifi ba ntate a atametse, mme ke tla bolaya Jakobo, moena wa ka.”


Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”


Nna ke motho wa kgotso, empa ha ke bua ka kgotso, bona ba batla ntwa.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Edomo ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba manakisitse bana babo bona, ba ba manakisa ka sabole, ba ba manakisa ba se na mohau, ba pheella kgalefong ya bona, bohale ba bona ba tuka malakabe, ba tuka sa malakabe a sa time.


Edomo a re ho yena: “Le ke ke la feta hara naha ya ka, esere ka le futuhela ka sabole.”


Ka mokgwa o jwalo, Edomo a hanela Iseraele ho feta hara naha ya hae, mme Iseraele a mo pota kathoko.


Yaba Baiseraele ba romela maqosa ho kgosi ya Edomo, ba re ho yona: ‘Re kopa hore o re dumelle re fete hara naha ya hao,’ empa kgosi ya Edomo ya se ke ya ba mamela. Ka mokgwa o jwalo ba romela maqosa le ho kgosi ya Moabe, le yona ya hana, mme Baiseraele ba hlola Kadeshe.


Empa Sihone a se ke a dumella Baiseraele ho feta hara naha ya hae. A bokella setjhaba sa hae sohle, a hloma Jahase, mme a lwantsha Baiseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos