Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:24 - BIBELE

24 Karolo e le nngwe ho tse leshome, eo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka yona, ke e neile Balevi e le lefa; ke ka baka leo ke itseng ho bona: ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Lefa leo ke le fang Balevi, ke boshome ba ntho tsohle boo bana ba Iseraele ba tla bo hlahisetsa Jehova ka ho bo emisa; ke ka baka leo ke bolelang bakeng sa bona hore, ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:24
10 Referencias Cruzadas  

Moprista, eo e leng mora wa Arone, o tla ba teng ha Balevi ba amohela karolo e le nngwe ho tse leshome. Jwale Balevi ba tla tlisa karolo e le nngwe ya dikarolo tsohle tse leshome, e tswang dikarolong tsohle tsa leshome tse tlisitsweng ka Tempeleng ya Modimo wa rona, ba di kenye ka dikamoreng tsa letlole la Tempele.


Bohle ba morabe wa Juda ba tlisa ka matlung a polokelo karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro, le tsa veine e ntjha, le tsa ole.


“ ‘Karolo e nngwe le e nngwe ho tse leshome tsa kotulo ya naha, le ya peo e jalwang masimong, kapa ya ditholwana tsa difate, ke ya Morena; e a halalela.


Morena a bua ho Moshe, a re:


“Hape bolella Balevi, o re ho bona: ‘Ha le nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho bana ba Iseraele, eo ke le neang yona e le lefa le tswang ho bona, le etsetse Morena nyehelo ka karolo e le nngwe ho tse leshome, e tswang karolong eo.


Banna bohle ba ileng ba balwa e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e meraro, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo. Balevi ba ne ba sa balellwa le bana ba Iseraele, hobane ba ne ba sa abelwa lefa hara bana ba Iseraele.


Ka baka leo, Levi ha a na kabelo lefeng la bana babo. Morena ke yena lefa la hae, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a boletse.


“Ka selemo sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo e le nngwe ho tse leshome, ha o qetile ho ntsha dikarolo tseo tsohle tsa tse leshome tsa kotulo ya hao, o di nee Molevi, le mojaki, le kgutsana, le mohlolohadi, hore le bona ba tle ba je, ba kgore, ba le setjhabeng sa heno.


Ke Balevi feela bao a sa kang a ba abela lefa. Dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena Modimo wa Iseraele, ke lona lefa la bona, jwalokaha Morena a ne a ba tshepise.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos