Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Lefa leo ke le fang Balevi, ke boshome ba ntho tsohle boo bana ba Iseraele ba tla bo hlahisetsa Jehova ka ho bo emisa; ke ka baka leo ke bolelang bakeng sa bona hore, ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Karolo e le nngwe ho tse leshome, eo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka yona, ke e neile Balevi e le lefa; ke ka baka leo ke itseng ho bona: ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:24
10 Referencias Cruzadas  

Moprista, mora Aarone, o tla ba le Balevi, mohla Balevi ba nkang karolo ya leshome, mme Balevi ba tla tlisa karolo ya leshome ya karolo ya leshome tlung ya Modimo wa rona, dikamoreng tsa ntlo ya bobolokelo.


Yaba Bajuda kaofela ba boela ba tlisa karolo ya leshome ya koro le ya veine e ntjha le ya ole medikong.


Boshome bo bong le bo bong ba naha, ke hore boshome ba dikotulo tsa masimo, le ba ditholwana tsa difate, ke ba Jehova: bo kgethetswe Jehova.


Jehova a bua le Moshe, a re:


O tla bolella Balevi, o re ho bona: Etlare ha le nka ho bana ba Iseraele boshome boo ke le neang bona ka lebitso la bona, e be lefa la lona, le tla nkela Jehova kabelo e emiswang ho boshome boo, e leng boshome ba boshome;


Ba badilweng ba bona, e leng ba batona bohle, ho qala ka ba kgwedi e le nngwe ho isa ho ba ka pele ho moo, ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e meraro. Ha ba ka ba balwa palong ya bana ba Iseraele, kahobane ha ba ka ba newa lefa hara bana ba Iseraele.


Ke ka baka leo Levi a se nang karolo, leha e le lefa, le banababo; Jehova ke yena e leng lefa la hae, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a mmoleletse.]


Etlare ha o qetile ho ntsha karolo ya leshome ya tseo o di kotulang selemong sa boraro, e leng selemo sa ho ntsha karolo ya leshome, o tla e nea Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba tle ba e je metseng ya hao, mme ba kgore.


Haele leloko la Balevi ha a ka a le nea lefa; mahlabelo a beelwang Jehova, Modimo wa Iseraele, ke wona e leng lefa la bona, jwalokaha a ne a ba boleletse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos