Lefa leo ke le fang Balevi, ke boshome ba ntho tsohle boo bana ba Iseraele ba tla bo hlahisetsa Jehova ka ho bo emisa; ke ka baka leo ke bolelang bakeng sa bona hore, ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.
O tla bolella Balevi, o re ho bona: Etlare ha le nka ho bana ba Iseraele boshome boo ke le neang bona ka lebitso la bona, e be lefa la lona, le tla nkela Jehova kabelo e emiswang ho boshome boo, e leng boshome ba boshome;