Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O tla bolella Balevi, o re ho bona: Etlare ha le nka ho bana ba Iseraele boshome boo ke le neang bona ka lebitso la bona, e be lefa la lona, le tla nkela Jehova kabelo e emiswang ho boshome boo, e leng boshome ba boshome;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 “Hape bolella Balevi, o re ho bona: ‘Ha le nka karolo e le nngwe ho tse leshome ho bana ba Iseraele, eo ke le neang yona e le lefa le tswang ho bona, le etsetse Morena nyehelo ka karolo e le nngwe ho tse leshome, e tswang karolong eo.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:26
7 Referencias Cruzadas  

Moprista, mora Aarone, o tla ba le Balevi, mohla Balevi ba nkang karolo ya leshome, mme Balevi ba tla tlisa karolo ya leshome ya karolo ya leshome tlung ya Modimo wa rona, dikamoreng tsa ntlo ya bobolokelo.


Bana ba Iseraele le bana ba Balevi ba fele ba tlise kabelo e kgethehileng ya koro, le ya veine e ntjha, le ya ole, dikamoreng, moo mesebetsi ya sehalalelo e leng teng, le moo ho dulang baprista ba etsang tshebeletso le balebedi ba menyako le dibini. Re ke ke ra furalla ntlo ya Modimo wa rona.


Melokong yohle ya lona, le tla abela Jehova kabelo ya hlama ya lona ya ho qala.


Ke nea bara ba Levi boshome ba tsohle tsa Iseraele, e be lefa la bona, bakeng sa tshebetso ya bona, tshebetso ya tente ya pokano.


Jehova a bua le Moshe, a re:


mme kabelo eo ya lona e tla ballwa lona jwaloka koro e nkwang seotlong, le jwaloka veine e ntjha e nkwang sehatelong.


Haele ba bara ba Levi ba amohelang boprista, ba na le molao wa ho nka karolo ya leshome ya ntho tsa setjhaba, ke ho re, tsa banababo bona, leha ba tswile le bona lethekeng la Abrahama.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos