Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:23 - BIBELE

23 Empa Balevi ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena, mme ba tla jara makgopo a bona. Ena e tla ba taelo ya mehla yohle melokong ya lona. Ha e le kahara bana ba Iseraele teng, ba ke ke ba eba le lefa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Balevi ba tla etsa tshebetso ya tente ya pokano, mme ba tla jara bokgopo ba bona. Ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele; hoo e tla ba molao o sa feleng hara ditloholo tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:23
10 Referencias Cruzadas  

Ka Tenteng ya Morena, feela ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane, Arone le bara ba hae ba tla hotetsa lebone kapele ho Morena; lebone leo le tuke ho tloha ka shwalane ho fihlela hoseng. Hona e tla ba molao o tla bolokwa kamehla yohle ke meloko yohle ya bana ba Iseraele.”


“ ‘Ha e le Balevi ba ileng ba emella hole le nna ha Baiseraele ba kgeloha, ba kgeloswa ho nna ke ho latela medingwana ya bona ya bohata, ba tla otlelwa bokgopo boo ba bona.


Morena a re ho Arone: “Wena le bara ba hao, le ba lelapa la ntatao, le tla ikarabella bakeng sa bokgopo bo ka silafatsang Sehalalelo. Wena le bara ba hao le tla jara bokgopo ba boprista ba lona.


Yaba Morena o re ho Arone: “O se ke wa ba le lefa naheng ya bona, o se ke wa ba le seabo hara bona. Ke nna seabo sa hao, le lefa la hao hara bana ba Iseraele.


“Ona ke molao wa bona wa mehla yohle. Ya fokang ka metsi a ho itlhwekisa, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amang metsi a tlhwekiso o tla ba sesila ho fihlela ka phirimana.


Banna bohle ba ileng ba balwa e ne e le dikete tse mashome a mabedi le metso e meraro, ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo. Balevi ba ne ba sa balellwa le bana ba Iseraele, hobane ba ne ba sa abelwa lefa hara bana ba Iseraele.


Ba tla phetha ditshebeletso tsa hae le ditshebeletso tsa phutheho yohle kapele ho Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa Leaho.


“ ‘Tsena e tla ba molao wa kahlolo ho lona, le melokong ya lona, hohle moo le phelang teng.’ ”


Ka baka leo, Levi ha a na kabelo lefeng la bana babo. Morena ke yena lefa la hae, jwalokaha Morena Modimo wa hao, a boletse.


Ke Balevi feela bao a sa kang a ba abela lefa. Dinyehelo tsa setjheso, tsa Morena Modimo wa Iseraele, ke lona lefa la bona, jwalokaha Morena a ne a ba tshepise.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos