Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:30 - BIBELE

30 Empa haeba Morena a etsa ntho e ntjha, mme lefatshe le ahlama, le ba kwenya hammoho le dintho tsohle tsa bona, mme ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, ka hona le tla tseba hore banna bao ba nyedisitse Morena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 empa ekare ha Jehova a etsa mohlolo, ha lefatshe le ahlamisa molomo wa lona, le ba metsa le tsohle tseo ba nang le tsona, mme ba theohela lempatung ba ntse ba utlwa, teng le tla tsebisisa hobane batho bao ba nyedisitse Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:30
12 Referencias Cruzadas  

“Kabelo e tswang ho Modimo ke efe? Lefa le tswang ho Ya Matla wohle ke lefe?


Na hase timelo ho baetsadibe, le koduwa ho ba etsang bokgopo?


ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse;


wena eo re neng re buisana hamonate, re le sehlopheng se yang tlung ya Modimo.


Morena o tla hlaha sa mohla thabeng ya Perasime, kgalefo ya hae e tlokome, sa mohla Kgohlong ya Gibeone, a phethe mosebetsi wa hae o hlollang haholo, a phethe ketso tsa hae tse tsotehang haholo.


Bonang, ke etsa ntho e ntjha! Ke ena e mela, na ha le e bone? Ke phunya tsela hara lehwatata, le dinoka naheng e omeletseng.


Ke entse lefatshe ka ba ka le bopela motho, esita le mahodimo ka a ala ka matsoho a ka, le dinaledi tsohle tsa lehodimo di laelwa ke nna.


Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.


O tla phaila ho le hokae, wena moradi ya hlokang botshepehi? Morena o etseditse lefatshe ntho e ntjha: Mosadi o tla sireletsa monna!”


Ka baka leo, ha ho sa tla ba le sefate sefe kapa sefe se metseng pela metsi se tla iphahamisa haholo, kapa se tla tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng. Ha ho sefate se nwesetswang hantle se tla ke se be selelele hakaalo, hobane tsohle di a bolawa, di theolelwa ka mpeng ya lefatshe, hara batho ba theohetseng mohohlong.


Hoba a qete ho bua mantswe ana, lefatshe la ngamoha katlasa bona;


Ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, le maruo wohle a bona. Lefatshe la ba pupetsa, ba timetswa, ba tloswa setjhabeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos