Empa haeba Morena a etsa ntho e ntjha, mme lefatshe le ahlama, le ba kwenya hammoho le dintho tsohle tsa bona, mme ba theohela Nqalong ya Bafu ba ntse ba phela, ka hona le tla tseba hore banna bao ba nyedisitse Morena.”
“Ntata rona o ile a shwella lehwatateng. O ne a se sehlopheng sa ba neng ba ikopantse, ba lwantsha Morena, e leng ba sehlopha sa Kora. Empa o ile a shwa ka baka la sebe sa hae. O ne a se na bara.
le seo a se entseng ho Datane, le ho Abirame, bara ba Eliabe, mora wa Rubene, kamoo lefatshe le ileng la ahlama kateng, mme la ba metsa hammoho le tsohle tsa bona, le ditente tsa bona, le tsohle tse phelang, tseo ba neng ba tsamaya le tsona, setjhabeng sa Iseraele.
Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.