Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:29 - BIBELE

29 Haeba banna bana ba eshwa lefu la Modimo, mme ba eshwa lefu le tshwanang le la batho bohle, e tla ba ha ke a rongwa ke Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ekare ha batho bao ba eshwa ke lefu la batho bohle, kapa se hlahelang bohle se ba hlahela, etlaba Jehova ha a nthoma;

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:29
11 Referencias Cruzadas  

Ha nako ya ho etsa nyehelo ya mantsiboya ya sehlabelo sa setjheso, e fihlile, moporofeta Elia a atamela, a re: “Oho, Morena Modimo wa Aborahama, le Isaka, le Iseraele, a ho ke ho tsejwe kajeno, hore o Modimo wa Iseraele, le hore nna ke mohlanka wa hao, le hore ke entse dintho tsena tsohle ka taelo ya hao.


Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, etlaba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”


Mmikiya a re: “Haeba o ka kgutla ka kgotso, e tla ba hase Morena ya buileng ka molomo wa ka.” Yaba o re: “Ebe le utlwile, lona bohle!”


O ithetsa ka ho re kgalefo ya hae ke mosesetso, esita le bokgopo Modimo ha a bo natse.


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


Jwale tsamaya, o ise setjhaba moo ke itseng o se ise teng. Bona, lengeloi la ka le tla o etella pele; feela mohla letsatsi la kotlo, setjhaba sena ke tla se otlela sebe sa sona.”


Tse hlahelang diphoofolo di hlahela le batho. Pheletso ya bona e tshwana le ya diphoofolo; batho ba shwa jwaloka diphoofolo. Motho o phefumoloha moya o tshwanang le oo phoofolo e o phefumolohang. Motho ha a fete phoofolo ka letho, hobane tsohle ke lefeela.


Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae?


Na ha ke lokele ho ba otlela tsee?” ho rialo Morena. “Na tjhaba se tjee ha se lokelwe ke boiphetetso ba ka?


Wena Sione, kotlo ya hao e tla fela, ha o ka ke wa hlola o iswa bothopuweng. Empa wena Edomo, o tla otlelwa bokgopo ba hao, dibe tsa hao Morena a di senole.


Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, mollo o betsehang melomong ya tsona o timetsa dira tsa tsona. Haeba motho a ka rata ho di ntsha kotsi, eka kgona a bolawe jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos