Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:16 - BIBELE

16 Yaba Moshe o re ho Kora: “Hosasane wena, le balatedi ba hao, le Arone, le be kapele ho Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moshe a re ho Kore: Wena le letshwele la hao lohle, le tle le hlahe pela Jehova, wena, le bona, le Aarone, ka hosasane.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:16
8 Referencias Cruzadas  

Jwale Moshe a re ho Arone: “Ere ho setjhaba sohle sa bana ba Iseraele: ‘Tloong kapele ho Morena, hobane o utlwile ho korotla ha lona.’ ”


Hanghang Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, le ho Meriama, a re: “Lona ba bararo tloong ka Tenteng ya Morena!” Boraro ba bona ba tla ka Tenteng ya Morena.


Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”


Monna e mong le e mong a nke pane ya hae, a tshele mokubetso ka ho yona, a nto e tlisa kapele ho Morena, e be dipane tse makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Le wena le Arone le tlise dipane tsa lona.”


O nne o ba hopotse tsena, mme pela Modimo o ipiletse ho bona hore ba se ke ba ngangisana ka mantswe, e leng ho sa thuseng letho, haese ho timetsa ba mametseng.


Ke nna enwa: Nqoseng kapele ho Morena, le kapele ho motlotsuwa wa hae. Ke mang eo ke nkileng pholo ya hae? Kapa ke mang eo ke nkileng tonki ya hae? Kapa ke mang eo nkileng ka mo qhekanyetsa? Ke mang eo nkileng ka mo hatella? Ke mang eo nkileng ka amohela tjotjo ho yena, e le hore ke tle ke ikgakanyetse molato wa hae? Mpolelleng, mme ke tla e kgutlisetsa ho monga yona.”


Ka baka leo, emang, e le hore ke le qose kapele ho Morena, ho latela diketso tsohle tse lokileng tsa Morena, tseo a di etseditseng lona le bo-ntata lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos