Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moshe a re ho Kore: Wena le letshwele la hao lohle, le tle le hlahe pela Jehova, wena, le bona, le Aarone, ka hosasane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Yaba Moshe o re ho Kora: “Hosasane wena, le balatedi ba hao, le Arone, le be kapele ho Morena.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:16
8 Referencias Cruzadas  

Moshe a re ho Aarone: E re ho phutheho yohle ya bana ba Iseraele: Atamelang pela Jehova, hobane o utlwile ho dumaduma ha lona.


Hang Jehova a re ho Moshe le Aarone le Miriame: Lona ba bararo, tlohang, le ye tenteng ya pokano. Ba tloha ba bararo, ba ya.


Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.


Le nkeng e mong le e mong pitsa ya hae ya dibano, le kenye dibano ho tsona, mme e mong le e mong a tlise pitsa ya hae ya dibano pela Jehova, e be dipitsa tse makgolo a mabedi a mashome a mahlano; wena le Aarone, le nke e mong le e mong pitsa ya hae.


O ba hopotse taba tseo, mme o ba laele pela Morena hore ba se ke ba etsa kgang ka ditaba; kgang tseo ha di thuse letho, empa di senya ba di utlwang.


Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.


Emang jwale, ke tsekisane le lona pela Jehova bakeng sa diketso tsohle tse lokileng, tseo Jehova a di etseditseng lona le bontata lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos