Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:15 - BIBELE

15 Moshe a halefa haholo, mme a re ho Morena: “O se ke wa natsa nyehelo ya bona. Ha ke a nka leha e le tonki ho bona, leha e le ho etsa e mong wa bona hampe.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba Moshe o hlabeha haholo, a re ho Jehova: O se ke wa amohela nyehelo ya bona. Ha ke eso ho ba ke ba amoha leha e le esele feela, mme ha ke a senyetsa le a mong wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:15
18 Referencias Cruzadas  

Ke tiiseditse tseleng ya Morena, ha ke a etsa bokgopo, ka arohana le Modimo wa ka.


Ha a atamela diahelong, mme a bona namane le metjeko, kgalefo ya Moshe ya tlokoma. A ptjatlanya matlapa a matsohong a hae fatshe, a a pshatlela mosikong wa thaba.


Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe.


Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.


Yaba Moshe o re ho Kora: “Hosasane wena, le balatedi ba hao, le Arone, le be kapele ho Morena.


Empa nna ke re ho lona: Mang kapa mang ya halefelang ngwanabo o tla tshwanelwa ke kahlolo, mme ya reng ho ngwanabo: ‘Sethoto towe!’ o tla tshwanelwa ke ho iswa kgotla; ha e le ya reng: ‘Tseketseke towe!’ o tla tshwanelwa ke ho ya mollong wa dihele.


A ba ya ka mahlo a halefile, a utlwisitswe bohloko ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho motho eo: “Otlolla letsoho!” A le otlolla, mme letsoho la hae la fola.


Empa nna, ha ke eso sebedise le e nngwe ya ditokelo tsena, ebile ha ke ngole tjena hore le nna ke di fumane. Nka mpa ka shwa, ho ena le hore motho a nkamohe lebaka lena la ka la ho ithorisa.


Seo re ithorisang ka sona ke sena: Letswalo la rona le re pakela hore mona lefatsheng re ile ra phedisana le batho, haholo le lona, re se na mano, re ena le nnete ya Modimo; e seng ka bohlale ba botho, empa ka mohau wa Modimo.


Re buleleng dipelo tsa lona. Ha ho eo re mo entseng hampe, ha ho eo re mo senyeditseng, ha ho eo re mo qhekanyeditseng.


Ha le halefile le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le dikella le ntse le halefile.


Lona le dipaki, le Modimo ke paki ya kamoo lona ba dumelang re ileng ra le tshwara kateng ka mokgwa o halalelang, o lokileng, o sa nyatseheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos