Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 2:17 - BIBELE

17 Yaba ke re ho bona: “Le bona tsietsi eo re leng hara yona, le kamoo Jerusalema e leng lesupi kateng, le kamoo menyako ya yona e tjhesitsweng kateng. Tloong, re haheng lerako la Jerusalema, re tle re se ke ra ba le sekgobo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba ke re ho bona: Le bona tsietsi eo re leng ho yona, kamoo Jerusalema a senyehileng kateng, le kamoo mamati a teng a dutseng a tjhele kateng. Tloong, ha re tsoseng lerako la Jerusalema, re tle re se hlole sekgobong.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 2:17
23 Referencias Cruzadas  

Re ne re le makgoba, empa Modimo wa rona ha a a ka a re tlohela bokgobeng boo ba rona; o entse hore dikgosi tsa Peresiya di re hauhele, re tsohe molota, re tle re hahe Tempele ya Modimo wa rona, re e lokise moo e senyehileng teng, ho sireletswe Juda le Jerusalema.


Yaba ba re ho nna: “Masalla a setseng naheng e kamose wane, ha ba bang ba thopuwa, a hara ditlokotsi tse kgolo, le sekgobo. Lerako la Jerusalema le lona le heleditswe, le mamati a teng a tjhesitswe.”


Ka tswa hara bosiu jwalo, ka feta Monyakong o ka Kgohlong, ka feta le Sedibeng sa Kganyapa, ka fihla Monyakong wa Thotobolo. Ka hlahloba marako a Jerusalema a heleditsweng, le mamati a wona a tjhesitsweng.


Babusi ba ne ba sa tsebe moo ke ileng teng, kapa seo ke ileng ho se etsa; esita le Bajuda, le baprista, le mahosana, le babusi, le ba bang ba neng ba sebetsa, ke ne ke eso ka ke ba bolella letho.


Monyako wa Sediba wa tsoswa ke Shalome, mora wa Kolohose, mmusi wa karolo e nngwe ya Misepa. A o haha, a o rulela, a kenya menyako ya wona, le dinotlolo tsa wona, le mekwallo ya wona. A haha le lerako le potapotileng Letshana la Shela, le pela Serapa sa Kgosi; a le haha ho ya fihla mehatong e theohang e etswa Motseng wa Davida.


Bahlanka ba hao ba kgahlwa ke majwe a yona, ba qenehela le lerole la yona.


O rekisitse setjhaba sa hao o sa fumane letho, ha o a rua letho ka theko ya sona.


O re fetotse sekgobo ho baahisane ba rona; sesomo le setsheho ho ba re potapotileng.


Morena, bao re ahisaneng le bona o ke o ba buseletse hasupa dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona.


Re sekgobo ho bao re ahisaneng le bona, re pale le sesomo ho ba re potapotileng.


‘Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e ba nyonye, dibakeng tsohle tseo ke tla ba lelekela ho tsona ba nyediswe, e be setsoto, ba songwe, ba rohakwe.


Morena o timeditse diahelo tsa Jakobo, a di timetsa kaofela, mohau a se na wona; qhobosheane tsa Moradi wa Juda a di ripitla, a di ripitla, kgalefo ya hae e ntse e tlokoma; mmuso wa teng a o tlontlolla, a o tlontlolla le babusi ba wona.


Ke utlwiswa bohloko ke seo ke se bonang, ka baka la basadi ba motse wa heso.


“Ke tla o etsa lesupi, o fetohe sekgobo ho ditjhaba tse o potapotileng, le mahlong a bohle ba fetang ka tsela.


Tsatsi le tla fihla la ho tsosa marako a motse, tsatsi la ho atolosa meedi ya lona.


Nahashe wa Moamone a re ho bona: “Ke tla etsa selekane le lona ha feela re dumellana hore ke honye leihlo la letsoho le letona la e mong le e mong wa lona, e le hore ke tle ke tlontlolle Baiseraele bohle.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos