Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 2:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Yaba ke re ho bona: Le bona tsietsi eo re leng ho yona, kamoo Jerusalema a senyehileng kateng, le kamoo mamati a teng a dutseng a tjhele kateng. Tloong, ha re tsoseng lerako la Jerusalema, re tle re se hlole sekgobong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Yaba ke re ho bona: “Le bona tsietsi eo re leng hara yona, le kamoo Jerusalema e leng lesupi kateng, le kamoo menyako ya yona e tjhesitsweng kateng. Tloong, re haheng lerako la Jerusalema, re tle re se ke ra ba le sekgobo.”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 2:17
23 Referencias Cruzadas  

Efela re bafo; empa le bofong ba rona, Modimo wa rona ha o a ka wa re lahla, wa mpa wa re fumantsha mohau ho marena a Persia, hore o tle o boele o re pholose, mme ntlo ya Modimo wa rona e tle e hahuwe, le dithako tsa yona di tle di tsoswe, e le hore re boele re rue lerako Juda le Jerusalema.


ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.


Ka tswa bosiu ka monyako wa Sekgutlo, ka leba nqa sedibeng sa Drakone le nqa monyako wa Moitedi; ka qamaka marako a Jerusalema kamoo a leng dikgeo kateng, le mamati a teng kamoo a dutseng a tjhele kateng.


Mahosana a ne a sa tsebe moo ke ileng, le seo ke se etsang; ke ne ke eso ho bolelle Bajuda, leha e le baprista, le baholo, le mahosana, le ba bang ba sebetsang mosebetsi.


Monyako wa Sediba wona wa lokiswa ke Shallume, mora Kole-Hose, monga setereke sa Mitspe; a o haha, a o rulela, a kenya le mamati a wona le dinotlolo le mekwallo; hape, a etsa lerako la letsha la Silowe, pela tshimo ya morena, ho ya fihla methating e theohang motseng wa Davida.


Ke moo ditjhaba di tla hlonepha lebitso la Jehova, marena wohle a lefatshe a tshabe kganya ya hao.


O re etsa ntho e nyediswang ho ba ahileng pela rona, le tlako le sesomo ho ba re kopileng;


o re etsa tshomo hara ditjhaba, le komo ya hlooho hara merabe.


Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona!


Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.


Leihlo la ka le hlomodisa moya wa ka, ka baka la baradi kaofela ba motse wa ka.


Ke tla o etsa dithako, ke o etse le sekgobo hara ditjhaba tse o teetseng hare, pontsheng ya bohle ba fetang ka tsela.


Letsatsi la ho haha marako a hao le atametse; tsatsing leo, taelo ya ho o senya e tla tloswa.


Nahashe, Moammone a re ho bona: Ha nka hlaba selekane le lona, ke ha nka honya mahlo a matona a lona bohle, ke tle ke bee sekgobo jwalo hodima Baiseraele bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos