Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 2:18 - BIBELE

18 Ka ba bolella kamoo Modimo wa ka a ileng a ntlhohonolofatsa kateng; ka ba bolella le seo kgosi e mpoleletseng sona. Yaba ba re: “A re qaleng ho tsosa lerako!” Ba kena mosebetsing ona o kgabane ka mafolofolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hape, ka ba hlalosetsa kamoo letsoho le molemo la Jehova, Modimo wa ka, le leng ho nna kateng, ka ba phetela le mantswe ao morena a buileng le nna ka wona. Yaba ba re: A re tloheng, re hahe. Mme ba ikgothaletsa ho etsa mosebetsi oo o motle.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 2:18
10 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”


Bana ke bona baokamedi ba bahale ba Davida, ba neng ba mo tsheheditse mmusong wa hae, mmoho le Baiseraele bohle, hore e be kgosi, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue mabapa le Iseraele.


Tiisa matla, re lwane ka sebete, re lwanele setjhaba sa habo rona, le metse ya Modimo wa rona. Morena a ke a etse seo yena a bonang hore se lokile.”


Kgosi Hesekiya a tsoha molota, a tsosa lerako hohle moo le neng le helehile teng. Hodima lona a haha ditora, a haha le lerako le leng kathoko ho leo. A matlafatsa le Milo, e Motseng wa Davida. A etsa marumo a mangata le dithebe tse ngata.


Ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ba o keteka ka thabo. Morena o ne a ba thabisitse, a entse hore kgosi ya Asure e ba rate, e ba thuse ho haha Tempele ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


Hape ke newe le lengolo le yang ho Asafo, molebedi wa moru wa kgosi, e le hore a tle a mphe difate tse tla etsa menyako ya qhobosheane, e pela Tempele, le ya lerako la motse, le ya ntlo ya ka ya bodulo.” Kgosi ya amohela kopo ya ka, hobane Modimo wa ka o ne a ntlhohonolofaditse.


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


yaba Jonathane, mora wa Saule, a o tsamaya, o ya ho Davida Horeshe, mme a mo kgothaletsa hore a tshepe Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos