Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 1:9 - BIBELE

9 Se bileng teng se tla ba teng hape, se kileng sa etswa se tla etswa hape; ha ho letho le letjha mona lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho bileng teng ho tla boela ho be teng; ho hlahileng ho tla nne ho hlahe; ha ho ho hotjha leha ho le hong tlasa letsatsi.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 1:9
10 Referencias Cruzadas  

Na letho le teng leo ho ka thweng ka lona: “Bona mona, hona ke ho hotjha?” Ho bile teng mehleng ya kgale, ho bile teng pele ho mehla ya rona.


Maikutlong a ka ka nahana bohlale, ka nahana bohlanya le bona bothoto. Mohlahlami wa kgosi a ka etsang hape, haese feela ho etsa se seng se entswe?


Tse teng ha di qale ho ba teng, tse tla ba teng di bile teng pele; Modimo o etsa hore tsohle di sene, di suthelane sebaka.


Seo motho a leng sona kgale se tsejwa, kgale ho tsejwa hore motho ke motho; ha ho motho ya ka hwebeshanang, le senatla se mo feta ka matla.


Se ke wa re: “Ke hobaneng ha tshiu tsa kgale di bile molemo ho feta tsa kajeno?” Ho botsa potso ena ke ho hloka bohlale.


Bonang, ke etsa ntho e ntjha! Ke ena e mela, na ha le e bone? Ke phunya tsela hara lehwatata, le dinoka naheng e omeletseng.


O tla phaila ho le hokae, wena moradi ya hlokang botshepehi? Morena o etseditse lefatshe ntho e ntjha: Mosadi o tla sireletsa monna!”


Setjhabeng sa Iseraele le teng ho bile le baporofeta ba bohata. Ka mokgwa o jwalo ho tla ba le baruti ba bohata hara lona, ba tla tlisa ka sekgukgu dithuto tse kgelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ya ba lopoletseng, mme ka hona ba itlisetse timelo ka potlako.


Jwale ka bona lehodimo le letjha, le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la kgale le lefatshe la kgale di fetile, mme lewatle ha le sa le yo.


Ya dutseng teroneng a re: “Bona, ke ntjhafatsa tsohle.” A ba a re: “Ngola: Dipolelo tsena di a tshepahala, ke tsa nnete.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos