Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 1:10 - BIBELE

10 Na letho le teng leo ho ka thweng ka lona: “Bona mona, hona ke ho hotjha?” Ho bile teng mehleng ya kgale, ho bile teng pele ho mehla ya rona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Na ntho e teng eo ka yona ho ka thweng: Bona hona, ke ho hotjha? ... Le mehleng e bileng pele ho rona, ho ne ho ntse ho le teng.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 1:10
10 Referencias Cruzadas  

Baholoholo ba kgale ha ba sa hopolwa; esita le bao e leng hona ba tla tla, bahlahlami ba bona ba ke ke ba ba hopola!


Se bileng teng se tla ba teng hape, se kileng sa etswa se tla etswa hape; ha ho letho le letjha mona lefatsheng.


Maikutlong a ka ka nahana bohlale, ka nahana bohlanya le bona bothoto. Mohlahlami wa kgosi a ka etsang hape, haese feela ho etsa se seng se entswe?


Seo motho a leng sona kgale se tsejwa, kgale ho tsejwa hore motho ke motho; ha ho motho ya ka hwebeshanang, le senatla se mo feta ka matla.


Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe baporofeta ba bileng teng pele ho lona ba hlorisitswe jwalo.”


“Lona ba manganga, ba pelo di thata, le tsebe tse sa mameleng jwaloka tsa bahedene, kamehla le lona le hlola le hanyetsa Moya o Halalelang, jwaloka bo-ntata lona!


Jwalokaha Jannese le Jamberese ba ile ba hanyetsa Moshe, le batho bao ba hanyetsa nnete. Ke bao dikelello tsa bona di sa sebetseng, bao tumelo ya bona e seng ya sebele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos