Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Moeklesia 1:8 - BIBELE

8 Dintho tsohle di tena motho, di tena ho feta polelo ya motho; leihlo la motho ha le tenehe ke ho bona, tsebe ha e tlale tseo e di utlwang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ntho tsohle di kgathatsa ho feta kamoo motho a ka bolelang kateng. Leihlo ha le kgore ho di bona, tsebe ha e tlale kutlo ya tsona.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 1:8
16 Referencias Cruzadas  

Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena.


Nqalo ya Bafu le mohohlo wa timelo ha di ke di tlala, le wona mahlo a motho ha a kgotsofale.


Dinoka tsohle di phallela lewatleng, empa lewatle ha le ke le tlala. Moo dinoka di phallelang teng, ke moo di phallelang teng kamehla.


Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!


Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!


Tshebetso yohle ya motho ke ho lemisetsa mmetso, takatso tsa hae tsona ha di ke di kgotsofala.


“Le ne le lebeletse tjhai e ngata, empa bonang! le kotutse hanyenyane feela. Kotulo eo le e tlisitseng hae, ke ile ka e senya. Ke ka lebaka lang ke entseng jwalo?” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke entse jwalo ka baka la Tempele ya ka, e ntseng e le dithako, athe e mong le e mong wa lona yena o thahasella ntlo eo e leng ya hae.


“Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imetsweng, mme ke tla le kgatholla.


Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka, ba ho nyoretsweng, hobane ba tla kgotsofatswa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos