Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:42 - BIBELE

42 hobane o ne a ena le moradi ya nnotshi ya ka bang dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme moradi eo o ne a le lekgatheng la ho shwa. Jwale ha Jesu a ntse a eya teng, matshwele a penyana ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

42 hobane o ne a ena le ngwanana a le mong, eo dilemo tsa hae di batlileng ho ba leshome le metso e mmedi, ya neng a le makgatheng a ho shwa. Yare ha Jesu a sa ya, a petetswa ke batho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

42 Hobane o ne a ena le moradi a le mong, ya neng a ka ba dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme o ne a le makgatheng a ho shwa. Empa ha a ntse a tsamaea, batho ba mo petetsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Hobane o ne a ena le moradi a le mong, ya neng a ka ba dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme o ne a le makgatheng a ho shwa. Empa ha a ntse a tsamaea, batho ba mo petetsa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:42
15 Referencias Cruzadas  

Le ba tjhabela ba phela, le dikele ba fedile, ba timelle ruri, ba sa natswe ke motho.


Ke mang ya ka tsebang se molemo ho motho bophelong boo bo bokgutshwanyane, boo a fetang ho bona jwalokaha eka ke seriti? Ke mang ya ka mmolellang se tla etsahala moo lefatsheng ha yena a se a iketse?


“Wena ngwana motho, ka ho panya ha ntshi ke tla o amoha mosadi wa hao, e leng moratuwa wa hao e moholo. Leha ho le jwalo o se ke wa lla, kapa wa bokolla, kapa wa keleketla dikeledi.


“Jwale he, wena ngwana motho, ke tla tlosa hara bona qhobosheane eo ba ikgantshang ka yona, eo ba e ratang haholo, eo ba itlotlang ka yona, eo ba e labalabelang; ke tlose le bara le baradi ba bona.


“Ke tla theolela moya wa kutlwelobohloko le wa thapedi hodima ntlo ya Davida le hodima baahi ba Jerusalema. Ba tla tadima nna eo ba mo hlabileng, ba mo llele jwaloka ya llelang ngwana ya inotshi; ba mo sarellwe habohloko jwaloka ya llelang mora wa hae wa letsibolo.


Yaba Jesu o ya le yena. A latelwa ke letshwelehadi, le neng le penyane ho yena.


Ha a atamela kgoro ya motse, ha be ho ntshwa mofu motseng, mora ya mong, eo mmae e neng e le mohlolohadi. Letshwelehadi la motse le ne le ena le yena.


Bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, e le mookamedi wa ntlo ya thapelo, a itihela fatshe, maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene ka tlung ha hae,


Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi, lehatlelo la hae le sa kgaotse, a lefile dingaka ka sohle seo a neng a ena le sona, empa ho se le e nngwe e ka mo phekolang.


Jesu a re: “Ya nkamileng ke mang?” Yare ha ba latola bohle, Petrose a re: “Monghadi, matshwele a penyane hodima hao, mme a a o patisa.”


Sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, le lefu le kene ka sebe; ka mokgwa o jwalo lefu le fetetse ho batho bohle, hobane bohle ba entse sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos