Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:43 - BIBELE

43 Ho ne ho ena le mosadi ya qetileng dilemo tse leshome le metso e mmedi, lehatlelo la hae le sa kgaotse, a lefile dingaka ka sohle seo a neng a ena le sona, empa ho se le e nngwe e ka mo phekolang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Yaba mosadi ya neng a kula ke phallo ya madi e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ya neng a neile dingaka dintho tsa hae kaofela, a sa ka a fodiswa le ke e nngwe,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

43 Mme mosadi e mong ya neng a ena le phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, ya qetileng tsohle tseo a neng a phela ka tsona ho dingaka, a sitwa ho fodiswa ho motho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

43 Mme mosadi e mong ya neng a ena le phallo ya madi ka dilemo tse leshome le metso e mmedi, ya qetileng tsohle tseo a neng a phela ka tsona ho dingaka, a sitwa ho fodiswa ho motho.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:43
22 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya hae, Asa a jewa ke lefu la maoto. Le hoja lefu lena la hae le nnile la ipha matla, ha a a ka a batla thuso ho Morena, o ile a e batla ho dingaka.


Lona le baqapi ba mashano a se na ditswako, kaofela ha lona le bo-ngakana-kea-hetla.


ha e le moo wena Modimo, o re lahlile, o se o sa tswe le mabotho a rona?


Kgaotsa ho tshepa motho, motho ya phefumolohang feela. Hona motho e ne e le eng?


hobane bohle ba noketse ba nkile bonkong, athe yena o noketse a nkile bohloking, tsohle tseo a neng a ena le tsona, sohle seo a neng a tla phela ka sona.”


Kae le kae moo o mo tshwarang, o mo tabanya fatshe, a kgethetse makweba, a tsikitlanye meno, a satalle. Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba o leleke, empa ba ile ba hloleha.”


Ho ne ho ena le mosadi ya bileng le moya o mo holofaditseng ka dilemo tse leshome le metso e robedi; o ne a finahane, a sitwa ho inamoloha ho hang.


Mosadi enwa, e leng moradi wa Aborahama, eo Satane a mo tlamileng ka dilemo tse leshome le metso e robedi, na o ne a sa lokele ho lokollwa ditlamong tseo ka letsatsi la Sabatha na?”


Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le bademona, e se e le nako e telele a sa apare letho, a sa dule ka tlung, a mpa a dula mabitleng.


hobane o ne a ena le moradi ya nnotshi ya ka bang dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme moradi eo o ne a le lekgatheng la ho shwa. Jwale ha Jesu a ntse a eya teng, matshwele a penyana ho yena.


A tla kamora Jesu, a ama qola ya seaparo sa hae, mme hanghang lehatlelo la hae la kgaotsa.


Ha Jesu a feta, a bona monna ya tswetsweng e le sefofu.


empa ha re tsebe hore na o bona jwang jwale, le hore na ya mo tutubolotseng mahlo ke mang, ha re tsebe; mmotseng, o se a le moholo, o tla ipuella.”


Monna e mong ya tswetsweng e le seritsa, o ne a ye a nkwe ka matsatsi wohle, a bewe kgorong ya Tempele e bitswang Kgoro e Ntle, hore a kope dithuso ho ba kenang ka Tempeleng.


Dilemo tsa monna eo mohlolo ona wa phodiso o neng o entswe ho yena, di ne di feta mashome a mane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos