Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 hobane o ne a ena le ngwanana a le mong, eo dilemo tsa hae di batlileng ho ba leshome le metso e mmedi, ya neng a le makgatheng a ho shwa. Yare ha Jesu a sa ya, a petetswa ke batho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

42 hobane o ne a ena le moradi ya nnotshi ya ka bang dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme moradi eo o ne a le lekgatheng la ho shwa. Jwale ha Jesu a ntse a eya teng, matshwele a penyana ho yena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

42 Hobane o ne a ena le moradi a le mong, ya neng a ka ba dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme o ne a le makgatheng a ho shwa. Empa ha a ntse a tsamaea, batho ba mo petetsa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

42 Hobane o ne a ena le moradi a le mong, ya neng a ka ba dilemo tse leshome le metso e mmedi, mme o ne a le makgatheng a ho shwa. Empa ha a ntse a tsamaea, batho ba mo petetsa.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:42
15 Referencias Cruzadas  

Ho nka hosasa ho fihlisa mantsiboya, ba thuhakanngwa, ba timela ka ho sa feleng, ba sa lemohuwe.


Hobane ke mang ya tsebang se ka bang molemo ho motho bophelong ba hae, ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba hae ba lefeela, haele moo bo feta jwaloka leswiti? Kapa ke mang ya tla senolela motho se tla ba teng tlasa letsatsi, ha a se a le siyo?


Mora motho, bona, ka lefu le sehlooho ke tla o amoha se ratwang ke mahlo a hao. O se ke wa lla, leha e le ho bokolla, meokgo ya hao e se ke ya keleketla.


Haele wena, mora motho, etlare hobane ke tlose hara bona qhobosheane ya bona, e leng thabo ya boikgohomoso ba bona, le takatso ya mahlo a bona, le hlokomelo ya meya ya bona, ke re, bara ba bona le baradi ba bona;


Ke tla tshela moya wa mohau le wa merapelo hodima ntlo ya Juda le hodima baahi ba Jerusalema; mme ba tla tadima ho nna eo ba mo hlabileng. Ba tla mo llela, jwalokaha ho llelwa mora ya tswetsweng a nnotshi, ba hlomohe habohloko hodima hae, jwalokaha ho hlomohuwa hodima mora wa letsibolo.


Yaba Jesu o ya le yena, mme bongata bo boholo ba mo latela, mme ba ne ba mo hatella.


Yare ha a atamela kgoro ya motse, ha bo ho jerwe mofu, ngwana ya nnotshi wa mmae, le hona mosadi eo e le mohlolohadi; o ne a latetswe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.


Jwale, bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, eo e leng mmusi wa sinagoge; a itihela maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene tlung ya hae;


Yaba mosadi ya neng a kula ke phallo ya madi e se e le dilemo tse leshome le metso e mmedi, ya neng a neile dingaka dintho tsa hae kaofela, a sa ka a fodiswa le ke e nngwe,


Jesu a re: Ke amilwe ke mang na? Ha ba latola bohle, Petrose le ba nang le yena ba re: Monghadi, bongata bo o peteditse, bo a o hatella, mme o bolela jwang, ha o re: Ke amilwe ke mang?


Ka baka leo, jwalokaha sebe se kene lefatsheng ka motho a le mong, mme lefu le kene ka sebe, ka mokgwa o jwalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitilwe bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos