Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 8:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Jwale, bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, eo e leng mmusi wa sinagoge; a itihela maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene tlung ya hae;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, e le mookamedi wa ntlo ya thapelo, a itihela fatshe, maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene ka tlung ha hae,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

41 Jwale, bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, eo e neng e le mmusi wa sinagoge, a itihela maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene tlung ya hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

41 Jwale, bonang, ha tla monna ya bitswang Jairuse, eo e neng e le mmusi wa sinagoge, a itihela maotong a Jesu, a mo rapela hore a kene tlung ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Luka 8:41
15 Referencias Cruzadas  

Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.


mme a itihela maotong a Jesu ka sefahleho, a mo leboha. Athe eo e ne e le Mosamaria.


Simone Petrose, eitse ha a bona hoo, a itihela maotong a Jesu, a re: Morena, tloha ho nna, hobane ke monna wa moetsadibe.


hobane o ne a ena le ngwanana a le mong, eo dilemo tsa hae di batlileng ho ba leshome le metso e mmedi, ya neng a le makgatheng a ho shwa. Yare ha Jesu a sa ya, a petetswa ke batho.


A re a sa bua, ha fihla e mong ya tswang ha mmusi wa sinagoge, a re ho yena: Moradi wa hao o shwele; o se ke wa kgathatsa moruti.


Maretha a re ho Jesu: Morena, hojane wa ba teng, kgaitsedi ya ka a ka be a sa ka a shwa.


Eitse hobane ho balwe mangolong a molao le a baporofeta, babusi ba sinagoge ba romella ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le na le taba ya kgothatso ho batho, le ka bua.


Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.


Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.


Erekaha Lidda a le haufi le Jopo, yare ha barutuwa ba utlwa hobane Petrose o teng, ba mo romella banna ba babedi, ho mo rapela hore a tle ho bona, a se ke a dieha.


Eitse hobane e nke buka eo, dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo ba mashome a mabedi a metso e mene, ba kgumama pela Konyana, ba nkile, e mong le e mong, harepa le pitsana ya kgauta e tletseng tse monko o monate, e leng merapelo ya bahalaledi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos