Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 6:2 - BIBELE

2 “Ha motho a etsa sebe, mme a sitelwa Morena ka ho qhekanyetsa wa habo ka ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa e beilweng paneng, kapa e adimilweng ka tumellano, kapa e utswitsweng, kapa eo a mo hanyapeditseng yona;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ekare ha e mong a etsa sebe, mme a etsa ho sa lokang pela Jehova, ka ho thetsa wa habo ka ntho e beilweng ho yena, leha e le ka ntho e beilweng polokong ya hae, leha e le ka ntho e utswitsweng, leha e le ka ntho e nkilweng ka mano,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:2
25 Referencias Cruzadas  

Ha batho ba sebaka seo ba mmotsa ka mosadi wa hae, a re: “Ke kgaitsedi ya ka,” hobane o ne a tshaba ho re: “Ke mosadi wa ka,” esere banna ba sebaka seo ba mmolaya ka baka la Rebeka, hobane Rebeka o ne a le motle haholo.


Ntlhatswisise bokgopo ba ka, o ntlhwekise sebe sa ka;


O se be paki e tswang mohaeno ntle ho lebaka, polelo tse thetsang di se tswe molomong wa hao.


le tshwana le motho ya thetsang mohahabo, ebe o re: “Ke ne ke itshwasetsa feela.”


Ke bontshitswe pono e tshosang: Moeki o a eka, motimetsi o a timetsa. Futuha wena Elame! Thibella wena Media! Matshabeho wohle ke tla a fedisa!


Pina tse tswang pheletsong tsa lefatshe re di utlwile: “Tlotla e ke e iswe ho Ya Lokileng!” Empa nna ke re: “Ke fedile! Ke fedile! A nna elwa!” Mahlabaphiyo a ntsa tswela pele ho eka, bohlabaphiyo ba wona bo ntse bo hatela pele!


O madimabe hakaakang, wena motimetsi, wena o esong ho ka o timetswa! O madimabe hakaakang, wena lehlabaphiyo, wena o esong ho ka e ekwa! Ha o qeta ho timetsa, wena o tla timetswa, ha o kgaotsa ho eka, wena ba tla o eka.


Motho ka mong o thetsana le motswalle, ha ho le ya mong ya buang nnete. Batho ba tlwaeditse maleme a bona ho bua leshano, ba ipakela mokgathala ka ho etsa sebe.


athe kamore e shebileng leboya yona ke ya baprista ba sebeletsang aletareng. Bona ke Balevi, ditloholo tsa Sadoke, bao e leng bona feela ba ka atamelang pela Morena ho mo sebeletsa.”


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.


“ ‘Le se ke la utswa, le se ke la etsetsana bolotsana, kapa la bolellana mashano.


“Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato.


Ke nyehelo e tlosang molato. Ruri motho eo o sitetswe Morena.”


Morena a bua ho Moshe, a re:


Le ntse le re: “Kgwedi e ntjha e tla ya neneng fifing, re tswe re rekisa mabele a rona? Tsatsi la Sabatha le tla feta neneng, re tswe re bapatsa ka koro ya rona? Re ntse re fokotsa tekanyo re nyolla theko, re qhekella bareki ka dikala tsa rona tse sa nepahalang?


Mahlo a hao a halalela ka ho fetisa, a halalela hoo a ke ke a tadima bokgopo. Diphoso le tsona ha o ko di mamella. Jwale ho ya kang ha o mamella balotsana? O kgutseditseng ha ba kgopo ba timetsa batho, ba ba fetang ka ho loka?


Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.


Ha e eso rekiswe, na e ne e se ya hao na? Ha e se e rekisitswe, na tjhelete e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o ileng wa rera ka pelong ya hao ho etsa ketso ee? Ha o a thetsa batho, empa o thetsitse Modimo.”


Ka baka leo, tlohelang leshano, motho ka mong a bue nnete le wa bo, hobane re ditho tsa mmele o le mong.


Le se ke la bolellana mashano, hobane le hlobotse botho ba lona ba kgale le mesebetsi ya bona.


Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos