“Ha motho a nea e mong tjhelete, kapa diphahlo hore a di boloke, mme tsena di utsuwa ka tlung ya motho eo; haeba leshodu le fumanwa, le tla lefiswa habedi.
“Ha motho a etsa sebe, mme a sitelwa Morena ka ho qhekanyetsa wa habo ka ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa e beilweng paneng, kapa e adimilweng ka tumellano, kapa e utswitsweng, kapa eo a mo hanyapeditseng yona;
Sakiya a ema, a re ho Morena: “Bona, Morena, maruo a ka ke a arolela mafutsana ka lehare, mme eo ke mo amohileng ho hong ka mano ke mmuseletsa hona hane.”