Levitike 6:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)2 Ekare ha e mong a etsa sebe, mme a etsa ho sa lokang pela Jehova, ka ho thetsa wa habo ka ntho e beilweng ho yena, leha e le ka ntho e beilweng polokong ya hae, leha e le ka ntho e utswitsweng, leha e le ka ntho e nkilweng ka mano, Ver CapítuloBIBELE2 “Ha motho a etsa sebe, mme a sitelwa Morena ka ho qhekanyetsa wa habo ka ntho e neng e bolokilwe ho yena, kapa e beilweng paneng, kapa e adimilweng ka tumellano, kapa e utswitsweng, kapa eo a mo hanyapeditseng yona; Ver Capítulo |
Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.