Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 3:12 - BIBELE

12 “ ‘Haeba motho a nyehela ka podi, o tla e tlisetsa Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ekare ha a nyehela ka podi, o tla e tlisa pela Jehova;

Ver Capítulo Copiar




Levitike 3:12
15 Referencias Cruzadas  

Mohlanka wa Morena o metse pela hae jwaloka lehlomela, jwaloka motso o melang mobung o omeletseng. O na hloka sebopeho kapa bokgabane ba ho re hohela, ha re mo tadima bopeho sa hae se sa re kgahle.


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha e mong wa lona a tlisetsa Morena nyehelo ya phoofolo, e be e tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, kapa wa dinku.


A bue phoofolo ena ya setjheso, a e tshele;


Jwale Moshe a batla podi ya nyehelo e tlosang sebe, mme a fumana e tjhesitswe. A halefela Eleasare le Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela, a re:


“ ‘Ha motho a nyehela ka sehlabelo sa teboho, se tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, ebang ke e tona kapa e tshehadi, o tla nyehella Morena ka yona e se na sepha.


Jwale a tlisa sehlabelo sa setjheso sa setjhaba, a nka phooko ya setjheso, ya nyehelo ya setjhaba e tlosang sebe, a e hlaba, a etsa nyehelo e tlosang sebe ka yona, jwaloka ya pele.


Ho bana ba Iseraele o re: ‘Nkang phooko ya nyehelo e tlosang sebe, le pohwana le konyana, bobedi ba tsona di be le selemo, mme di hloke sepha, e be tsa nyehelo ya setjheso.


“ ‘Kapa bakeng sa pheleu o tla nyehela ka nyehelo ya dijo, ya phofo e thumisehileng, e boima ba dikilo tse pedi; phofo ena e be e dubilweng ka ole e etsang lethara e le nngwe le halofo.


Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos