Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 3:13 - BIBELE

13 O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, a e hlabele kapele ho Tente ya Morena. Bara ba Arone ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 o tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, mme o tla e hlaba pela tente ya pokano; bara ba Aarone ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 3:13
15 Referencias Cruzadas  

Empa tjhaba tse ngata di tla mo makalla, kgosi di fetohe dimumu kapele ho yena, hobane di tla be di bona seo di esong ho se bolellwe, seo di esong ho se utlwe, di tla se utlwisisa.


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae.


“ ‘Haeba motho a nyehela ka podi, o tla e tlisetsa Morena.


O tla nyehela ka mohlehlo, le ka mafura wohle a dikahare, e le setjheso se etsetswang Morena.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, mme a e hlabele kapele ho Tente ya Morena. Bara ba Arone ba tla foka mahlakore wohle a mane a aletare, ka madi a yona.


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.


ba kgethilweng ka morero wa Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya o Halalelang, e le hore ba tle ba mamele Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae, ke re: Le ke le ekeletswe mohau le kgotso.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos