O medile pela hae jwaloka lehlomela, le jwaloka motso o tswang mobung o omeletseng. O ne a se na sebopeho, leha e le bokgabane; re mo tadimile, mme o ne a se na ponahalo eo re neng re ka kgahliswa ke yona.
Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane.
Ekare ha e mong a nyehella Jehova ka sehlabelo sa teboho, mme a nyehela ka kgomo e tona kapa ka e tshehadi, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.
A ntoo hlahisa sehlabelo sa setjhaba; a nka phooko ya sehlabelo sa sebe sa setjhaba; a e hlaba, a e etsa sehlabelo sa sebe, kamoo a neng a entse sa pele kateng.
O tla bolella bana ba Iseraele, o re: Nkang phooko ya sehlabelo sa sebe; le nke le namane le konyana tsa setjheso, e be tse lemo se le seng, tse hlokang sekodi;
Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;