Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 27:9 - BIBELE

9 “ ‘Haeba ho entswe kano ka phoofolo e ka nyehellwang Morena, e le sehlabelo, phoofolo eo yohle e abelwang Morena e tla halalela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ekare ha kano e le ka kgomo ya tse ntshetswang Jehova ka mokgwa wa sehlabelo, kgomo e newang Jehova e tla ba ntho e kgethehileng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 27:9
7 Referencias Cruzadas  

Ho abela Morena mpho ka potlako ke leraba ho motho, ebe hamorao o ipelaetsa ka boitlamo ba hae.


Se dumelle leleme la hao ho o kgannela sebeng, ebe jwale o re ho moromuwa wa Modimo: “Ke entse phoso!” Eba o etsetsang hore Modimo a halefiswe ke dipolelo tsa hao, ebe o fedisa mosebetsi wa matsoho a hao?


Naha ena ke e ntlehadi, mme ha ba a lokela ho e rekisa, kapa ho e ananya, kapa ho e nea motho e mong, hobane ke naha e halalelang ya Morena.


Motho eo a se ke a tlisa ho hong bakeng sa yona, kapa a tlisa esele; bakeng sa e ntle a se ke a tlisa e mpe, kapa bakeng sa e mpe a tlisa e ntle. Haeba a ka ananya phoofolo eo ka phoofolo esele, bobedi ba tsona di tla halalela.


Haeba motho ya entseng kano a futsanehile hoo a sitwang ho lefa tjhelete e beilweng, motho eo o tla hlahiswa kapele ho moprista, mme moprista o tla lekanya tjhelete ya topollo ya hae, ho ya ka matla a ya entseng kano.


“Ha motho a etsa sebe e se ka morero, dinthong tse halalelang tsa Morena, o tla tlisetsa Morena nyehelo e tlosang molato, e be pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hae. Ke wena ya tla lekanya theko ya yona, e be silefera e boima ba dikeramo tse leshome le motso o le mong le halofo tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong, bakeng sa nyehelo e tlosang molato.


Empa lona le re, ha motho a ena le seo a ka thusang ntatae kapa mmae ka sona, feela a re: ‘Hona ke mpho ho Modimo,’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos