Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 27:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ekare ha kano e le ka kgomo ya tse ntshetswang Jehova ka mokgwa wa sehlabelo, kgomo e newang Jehova e tla ba ntho e kgethehileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “ ‘Haeba ho entswe kano ka phoofolo e ka nyehellwang Morena, e le sehlabelo, phoofolo eo yohle e abelwang Morena e tla halalela.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 27:9
7 Referencias Cruzadas  

Ke leraba ho motho ho kgethela Modimo ntho ka potlako, le ho belaela ha ho se ho annwe.


O se ke wa lesela molomo wa hao ho o isa, o se ke wa bolela pela lenqosa la Modimo, wa re: Ke ne ke bua feela! esere Modimo wa halefela lentswe la hao, wa senyetsa mosebetsi wa matsoho a hao.


Ba se ke ba rekisa ka yona, ba se ke ba e ananya, ho se ke ha iswa dilopotsiya tsa lefatshe leo hosele, hobane ke tse kgethetsweng Jehova.


E se ke ya ananngwa; ho se ke ha bewa e mpe sebakeng sa e ntle, leha e le e ntle sebakeng sa e mpe; ekare ha ho ananngwa kgomo e nngwe ka e nngwe, e tla ba tse kgethehileng tse pedi.


Ekare ha ya entseng kano a sitwa ho lefa dishekele ka tekanyetso ya hao, o tla iswa ho moprista ya tlang ho bolela tekanyetso ya hae; moprista o tla lekanyetsa ka ho bapisa le seo motho eo a se ruileng.


Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.


Kanthe lona le re: Ya reng ho ntatae, leha e le ho mmae: Sa tsa ka seo nka beng ke o thusa ka sona, ke se ke se abetse Modimo, ha a na molato, leha a sa hlonephe ntatae le mmae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos