Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 27:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ekare ha ya entseng kano a sitwa ho lefa dishekele ka tekanyetso ya hao, o tla iswa ho moprista ya tlang ho bolela tekanyetso ya hae; moprista o tla lekanyetsa ka ho bapisa le seo motho eo a se ruileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Haeba motho ya entseng kano a futsanehile hoo a sitwang ho lefa tjhelete e beilweng, motho eo o tla hlahiswa kapele ho moprista, mme moprista o tla lekanya tjhelete ya topollo ya hae, ho ya ka matla a ya entseng kano.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 27:8
11 Referencias Cruzadas  

Ebile ba tloha ka shwalane, ba ya diahelong tsa Basiria; ha ba fihla qalong ya diahelo tsa Basiria, ba bona ho se motho teng.


Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.


Ha a ka hloka konyana, a nke maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la setjheso, le leng e be la sehlabelo sa sebe. Moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a hlweke.


haele ba dilemo tse mashome a tsheletseng le tse fetisang, o tla lekanyetsa e motona ka dishekele tse leshome le metso e mahlano, mosadi e be ka dishekele tse leshome.


Ekare ha kano e le ka kgomo ya tse ntshetswang Jehova ka mokgwa wa sehlabelo, kgomo e newang Jehova e tla ba ntho e kgethehileng.


Empa ha a sitwa ho ntsha maebakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa ka baka la sebe sa hae karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo, e be sehlabelo sa sebe, mme a se ke a e tshela ka ole, leha e le ka dibano, kahobane ke sehlabelo sa sebe.


Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla, mme le tla tseba ho ba etsa hantle mohla le ratang; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos