Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 27:8 - BIBELE

8 Haeba motho ya entseng kano a futsanehile hoo a sitwang ho lefa tjhelete e beilweng, motho eo o tla hlahiswa kapele ho moprista, mme moprista o tla lekanya tjhelete ya topollo ya hae, ho ya ka matla a ya entseng kano.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ekare ha ya entseng kano a sitwa ho lefa dishekele ka tekanyetso ya hao, o tla iswa ho moprista ya tlang ho bolela tekanyetso ya hae; moprista o tla lekanyetsa ka ho bapisa le seo motho eo a se ruileng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 27:8
11 Referencias Cruzadas  

Ka shwalane banna bao ba ema, ba ya diahelong tsa Baarame. Ha ba fihla qetheng ya diahelo tsa Baarame, ba fumana ho se na motho.


“Nka o tshwarela tsee ka baka lang? Bana ba hao ba mphuraletse, ba hlapanya ka medimo eo e seng medimo. Hoba ke ba fepe, ba je sa mpanaphatloha, ba ile ba ikabela ho etsa bofebe, ba hlolokana matlung a diotswa.


“ ‘Empa ha a ka hloka konyana, o tla nka maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la nyehelo ya setjheso, le leng e be la nyehelo e tlosang sebe. Moprista o tla mo etsetsa tefelo ya sebe, mme o tla hlweka hape.’ ”


Haeba dilemo tsa motho di tloha ho tse mashome a tsheletseng ho ya hodimo, mme e le monna, tjhelete ya topollo ya hae e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le mashome a supileng; athe ha e le mosadi e tla ba silefera e etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.


“ ‘Haeba ho entswe kano ka phoofolo e ka nyehellwang Morena, e le sehlabelo, phoofolo eo yohle e abelwang Morena e tla halalela.


“ ‘Ha motho a sitwa ho ntsha maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, o tla tlisa phofo e thumisehileng e boima ba kilo e le nngwe, e le nyehelo e tlosang sebe. A se ke a ba a e tshela ka ole kapa ka mokubetso, hobane ke nyehelo e tlosang sebe.


“ ‘Empa ha motho a sitwa ho fumana nku kapa podi, o tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae ya sebe seo a se entseng, ya maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, le leng e le la nyehelo ya sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso.


Mafutsana le na le wona kamehla, mme le ka a etsetsa molemo neng le neng ha le rata; athe nna le ke ke la ba le nna kamehla.


Ha thahasello e le teng, ho amohelwa seo motho a nang le sona, e seng seo a se nang sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos