Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 18:4 - BIBELE

4 Le latele ditaelo tsa ka, mme le boloke melao ya ka, e be yona e le tsamaisang. Ke nna Morena Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le tla ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka ho ya ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 18:4
15 Referencias Cruzadas  

hore ba tle ba boloke ditaelo, ba boloke taelo tsa hae, ba hlomphe melao ya hae. Haleluja!


O re neile ditaelo tsa hao, hore re di boloke ka ho tlala.


Ke nna Morena Modimo wa lona; tsamayang ka ditaelo tsa ka, le hlokomele ho mamela melao ya ka.


Ke tla le nea Moya wa ka, ke etse hore le tsamaye ho ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le e phethe.


“ ‘Mohlanka wa ka Davida e tla ba kgosi ya bona. Ba tla ba le modisa a le mong feela, ba tsamaye ka melao ya ka, ba boloke ditaelo tsa ka, ba di phethe.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ke nna Morena Modimo wa lona.


“ ‘Empa lona le tla boloka melao ya ka, le ditaelo tsa ka; le se ke la etsa letho la manyala ana, leha e ka ba letswallwa la naha, kapa moditjhaba ya jakileng hara lona.


Le boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka. Ya di bolokang di tla mo phedisa. Ke nna Morena.


“ ‘Le boloke melao ya ka. “ ‘O se ke wa hwedisa diphoofolo tsa hao ka tsa mofuta osele. “ ‘O se ke wa jala mefuta e mmedi ya peo tshimong ya hao, mme o se ke wa apara seaparo se mefuta e mmedi ya masela.


“ ‘Le boloke melao ya ka yohle, le ditaelo tsa ka tsohle, mme le di phethe. Ke nna Morena.’ ”


“ ‘Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsohle tsa ka, mme le di phethe, hore naha eo ke le isang ho yona, hore le yo aha ho yona, e se ke ya le hlatsa.


Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


“Ena ke melao, le ditaelo, le ditemoso tseo Morena a laetseng hore le di rutwe, le tle le di phethe naheng eo le tla tshelela ho yona, hore e be ya lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos