Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 18:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le tla ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka ho ya ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Le latele ditaelo tsa ka, mme le boloke melao ya ka, e be yona e le tsamaisang. Ke nna Morena Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 18:4
15 Referencias Cruzadas  

ba tle ba boloke ditaelo tsa hae, mme ba ye ka melao ya hae. Bokang Jehova!


O re laetse ditemoso tsa hao hore re nne re di boloke haholoholo!


Ke nna Jehova, Modimo wa lona. Tsamayang ka dikomelo tsa ka, le boloke melao ya ka, le etse ka yona;


Ke tla bea moya wa ka hare ho lona, mme ke tla le tsamaisa dikomelong tsa ka, ke etse hore le boloke ditaelo tsa ka, hore le di phethe.


Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona, e be modisa wa bona bohle; ba tla tsamaya ka ditaelo tsa ka, ba boloke dikomelo tsa ka, ba di etse.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona:


Le boloke ke hona melao le ditaelo tsa ka, mme le se ke la etsa leha le le leng la manyala ao, leha e le ya tswaletsweng ha eno, leha e le moditjhaba ya jakileng hara lona.


Le tla boloka ke hona melao ya ka le ditaelo tsa ka; motho ya tlang ho ya ka tsona, o tla phela ke tsona. Ke nna Jehova.


Bolokang melao ya ka. O se ka wa hwedisana diphoofolo tsa hao tse seng tsa mofuta o le mong. O se ke wa jala tshimo ya hao ka dipeo tsa mefuta e mmedi, mme o se ke wa apara diaparo tse lohilweng ka ditshwele tsa mefuta e mmedi.


Le boloke jwalo melao ya ka kaofela, le ditaelo tsa ka kaofela, mme le ye ka tsona. Ke nna Jehova.


Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsa ka kaofela, le ye ka tsona, hore naha eo ke le isang ho yona ho aha teng e se ke ya le hlatsa.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.


Ke yona melao, le ditaelo, le dikahlolo, tseo Jehova, Modimo wa lona a ntaetseng ho le ruta tsona, hore le tle le etse ka tsona lefatseng leo le yang ho le rua;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos