Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 18:3 - BIBELE

3 Le se ke la etsa jwalokaha ho ne ho etswa Egepeta, moo le neng le ahile teng; le se ke la etsa jwalokaha ho etswa Kanana, moo ke le isang teng. Le se ke la latela melao ya bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ke nna Jehova, Modimo wa lona. Le se ke la lekisa se etswang naheng ya Egepeta, moo le kileng la aha teng, leha e le se etswang naheng ya Kanana eo ke ya le kenya ho yona, mme le se ke la latela mekgwa ya bona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 18:3
15 Referencias Cruzadas  

Hape sa latela meetlo ya ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho sona, le meetlo e qapilweng ke dikgosi tsa Iseraele.


ba mpa ba nyallana le baditjhaba, ba ithuta mekgwa ya bona.


O se ke wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho etsa mesebetsi ya bona, empa ruri o tla e tsekolla ho hang, o thuakanye difika tsa bona tseo ba di kgumamelang.


Ha a a ka a tlohela bootswa boo a bo qadileng Egepeta, ha banna ba ne ba robala le yena a sa le motjha, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hae, ba tshollela ditakatso tsa bona hodima hae.


Le se ke la latela melao ya ditjhaba tseo ke tla di leleka kapele ho lona, hobane di entse dintho tsena tsohle; kahoo ke ile ka di nyonya.


Le se ke la tshwana le ba lefatshe lena, le mpe le fetohe ka ho ntjhafala dikelellong, hore le tle le iphumanele seo thato ya Modimo e leng sona, e leng sohle se molemo, se kgahlehang, se phethehileng.


“Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona.


Le bone manyala a tsona, le medimo ya tsona ya bohata, ya lehong, le ya lejwe, le ya silefera, le ya kgauta, e neng e le hara tsona.


“Hoba Morena a ba leleke kapele ho lona, le se ke la re ka dipelong tsa lona: ‘Ke ka baka la ho loka ha ka Morena a mphihlisitseng naheng ena hore e be ya ka.’ Ke ka lebaka la bokgopo ba ditjhaba tsena, Morena a di lelekang kapele ho lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos