Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 15:8 - BIBELE

8 Moedi o nyolose ka kgohlo ya mora wa Hinome, ka lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse — ke yona Jerusalema — o nyolohele tlhorong ya thaba e kapele ho kgohlo ya Hinome, ka bophirimela, e leng ka leboya qetheng ya kgohlwana ya Refaime.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Moedi o ntoo nyolosa ka kgohlo ya mora Hinnome, e nqa borwa ho Jebuse, e leng Jerusalema; moedi o ntoo nyolosetsa qhoweng ya thaba e mabapa le kgohlo ya Hinnome, nqa bophirimela, ho felleng ha kgohlo ya Refaime, nqa leboya.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 15:8
17 Referencias Cruzadas  

Bafilesita ba fihla, ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime.


Bafilesita ba boela ba nyoloha, ba fihla ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime.


A silafatsa Tofete e ka kgohlong ya bana ba Hinome, e le hore ho se be motho ya ka etsetsang Moloke sehlabelo sa setjheso ka mora kapa ka moradi wa hae.


Yaba Davida le Baiseraele bohle ba ya Jerusalema, e neng e bitswa Jebuse, e leng moo Bajebuse, baahi ba naha eo, ba neng ba ahile teng.


A tjhesetsa le mokubetso ka kgohlong ya mora wa Hinome, a etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ho latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ile a ba leleka kapele ho bana ba Iseraele.


le Sanowa, le Adulame le metsaneng ya yona, le Lakishe le mathokong a yona, le Aseka le metsaneng ya yona. Ba ne ba ahile ho tloha Beeresheba, ho ya fihla kgohlong ya Honome.


Ho tla tshwana le ha mohedi a hela koro, a kotula koro ka diatla tsa hae; ho tshwane le ha motho a kgwahlapisa qwapi tsa koro, a di kgwahlapisa ka kgohlong ya Refaime.


Yaba Jeremia o kgutla Tofete, moo Morena a neng a mo rometse teng ho ya porofeta. A fihla a ema lebaleng la Tempele ya Morena, a re ho setjhaba sohle:


O theohele ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, e pela Monyako wa Mangetana. Ha o fihla teng o phatlalatse mantswe ana, ao ke tla o bolella wona,


Ka baka leo, hlokomelang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona batho ba ke keng ba hlola ba bitsa sebaka sena Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa ba tla se bitsa Kgohlo ya Polaelo.


Ha e le Bajebuse bona, e leng baahi ba Jerusalema, bana ba Juda ba ile ba sitwa ho ba leleka. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno, Bajebuse ba ntseng ba ahile Jerusalema, mmoho le bana ba Juda.


Jwale moedi o theohele qetheng ya thaba e malebana le kgohlo ya Mora wa Hinome, e ka leboya ho kgohlo ya Refaime. Ho tloha moo o theohele kgohlong ya Hinome, lehlakoreng le ka borwa ho Bajebuse, o be o theohele Sedibeng sa Rogele.


le Sela, le Elefe, le Jebuse, e leng Jerusalema, le Gibeata, le Kiriate. Kaofela ha yona ke metse e leshome le metso e mene le metsana ya yona. Ena ke yona naha ya morabe wa bana ba Benjamine, ho ya ka malapa abo bona.


Bana ba Benjamine ba se ke ba leleka Bajebuse bao e neng e le baahi ba Jerusalema, empa Bajebuse ba aha hara bana ba Benjamine ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.


Bana ba Juda ba futuhela Jerusalema, ba e hapa, ba bolaya baahi ba yona ka sabole, ba tjhesa motse ka mollo.


Empa monna eo a hana ho hlola bosiu boo, a ema, a tsamaya, a ba a fihla haufi le Jebuse, e leng Jerusalema. O ne a ena le ditonki tse pedi, tse qhanehilweng, a bile a ena le mosadi wa hae wa lefielo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos