Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 15:7 - BIBELE

7 Moedi o nyolohe Debiri, ho tloha kgohlong ya Akore, ho ya leboya, o nto thinyetsa Gilegale e lebaneng le moepa wa Adumime e ka lehlakoreng le ka borwa la molatswana. Jwale o fetele metsing a Ene-Shemeshe, o yo fella Sedibeng sa Rogele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Moedi o nyolosetsa le Debire, ho tloha sekgutlong sa Akore; nqa leboya o lebile Gilgale o pela moepa wa Adummime, o nqa borwa ho noka; moedi o fetela pele ho fihla metsing a Ene-Shemeshe, o ye o felle Ene-Rogele.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 15:7
13 Referencias Cruzadas  

Bo-Jonathane le Ahimase ba ne ba ye ba ipate pela Sediba sa Rogele. Lekgabunyane le ne le ye le ye, le yo ba bolella ditaba, mme le bona ba ne ba ye ba ye, ba yo tsebisa kgosi, hobane ba ne ba sa tshwanela ho bonwa ba kena motseng.


Ka tsatsi le leng Adoniya a etsa mahlabelo ka dinku, le ka dipholo, le ka manamane a nontshitsweng, a di hlabela Fikanoha, haufi le Sediba sa Rogele. A mema bana babo bohle, e leng bara ba kgosi, le banna bohle ba Juda, e leng matona a kgosi.


Metebo ya dikgutshwane e tla hlongwa Sharone, kgohlong ya Akore makgomo a bothe teng, e le mehlape ya tjhaba sa ka, tjhaba se mpatlang.


Mma bona a na a iketsa seotswa, a itlontlolla ha a ba emola, a re: ‘Ke tla ikela le medingwana ya ka, yona e mphang dijo, e mphe le metsi, e mphang boya, e mphe le motsitla, e mphang ole, e mphe le dino tsa ka.’


Jwale Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a kgutlela diahelong tsa hae Gilegale.


Kalebe a nyoloha teng, a futuhela baahi ba motse wa Debiri. Lebitso la pele la motse wa Debiri e ne e le Kiriate-Sefere.


Moedi o ne o nyolosetsa Bete-Hogela, o yo pota ka leboya ho Bete-Araba, o nyolose hape ho ya fihla Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene.


Moedi wa sehwa ka leboya, wa ya fella Ene-Shemeshe le Gelelote e malebana le moepa wa Adumime. Ho tloha moo moedi wa theohela Lefikeng la Bohane, mora wa Rubene.


Ka letsatsi la leshome kgweding ya pele, setjhaba sa tshela Jorodane, sa hloma Gilegale, moeding o ka botjhabela wa Jeriko.


Jwale bo-Joshua le Baiseraele bohle ba nka Akane, mora wa Sera, le silefera, le seaparo, le setene sa kgauta, le bara ba hae, le baradi ba hae, le dikgomo tsa hae, le ditonki tsa hae, le dinku tsa hae, le tente ya hae, le tsohle tseo a neng a ena le tsona; ba di isa ka kgohlong ya Akore.


Ba kgobella majwe hodima hae, mme le kajeno-ya-bokajeno a ntse a le teng. Kgalefo e tlokomang ya Morena ya kokobela. Ke ka baka leo le kajeno-ya-bokajeno sebaka seo se ntseng se bitswa ka lebitso la Kgohlo ya Akore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos