8 Mafutsana a kolobiswa ke medupe ya thaba, a be a maname mafikeng ke ho hloka lephephe.
8 Ba thopohelwa ke dipula tsa dithaba, ba robala mahaheng, ba hloka matlo.
A robala a le feela ke ho hloka kaparo, rame se fella hodima wona ke ho hlobola.
“Kgutsana e hlothwa letsweleng, tsweleng la mma yona, mofutsana o lefa molato ka lesea la hae.
Leha ke ne ke robetse, pelo ya ka e ne hlobaela, ka utlwa moratuwa a kokota monyako, a re: “Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka, leebana la ka, pabala ya ka; hlooho ya ka e metsi ke ho lalwa ke phoka, moriri wa ka o mongobo ke leswe la bosiu.”
Ba kileng ba phela ka dimenyemenye, ba bolawa ke tlala hara diterata; ba neng ba apara tse mabokoboko, kajeno ba paqame dithotobolong.
E ne e le batho bao lefatshe le sa ba tshwaneleng. Ba ile ba lelera mafeelleng le dithabeng, mahaheng le matsabeng a lefatshe.