Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 24:9 - BIBELE

9 “Kgutsana e hlothwa letsweleng, tsweleng la mma yona, mofutsana o lefa molato ka lesea la hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ho pshemolawa kgutsana letsweleng, bahloki ba amohuwa tsa bona,

Ver Capítulo Copiar




Jobo 24:9
9 Referencias Cruzadas  

Mosadi e mong, eo monna wa hae e neng e le e mong wa sehlopha sa baporofeta, a fihla ho Elisha, a re: “Mohlanka wa hao, e leng monna wa ka, o shwele. O a tseba hore mohlanka eo wa hao o ne a hlompha Morena. Jwale motho eo monna wa ka a neng a nkile molato ho yena, o tlile ho tla nka bara ba ka ba babedi, ho ya ba etsa makgoba a hae.”


Le hoja rona, le bana babo rona re le madi a le mang, le bana ba rona e le ba bohlokwa jwaloka bana ba bona, feela re tlameha ho fetola bara ba rona makgoba, le baradi ba rona makgabunyane. Ba bang ba baradi ba rona e se e le makgabunyane, empa re hloka matla a ho ba lopolla, hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara, e se e le tsa ba bang.”


O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana.


Ba tsamaisa mafutsana a se na le nketlana, a thotha dihlopha tsa koro a ntsa lapile,


Mafutsana a kolobiswa ke medupe ya thaba, a be a maname mafikeng ke ho hloka lephephe.


ke ne ke lopolla mafutsana a llelang thuso, ke lopolla le yona kgutsana e se nang mothusi.


Le kgutsanyana kgudu! le ka e rekisa, la tjhekela motswalle wa lona lemena.


Morena o qosa baholo ba tjhaba sa hae, o qosa le babusi ba sona, o re: “Tshimo ya ka ya morara e lobetswe ke lona, matlo a lona a tletse tse amohilweng mafutsana.


“Ha motho a fumanwa a utswa e mong wa bana babo, eo e leng wa bana ba Iseraele, a mo etsa lekgoba, kapa a mo rekisa, leshodu leo le tla bolawa, mme ebe o fedisa jwalo bokgopo hara lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos