7 A robala a le feela ke ho hloka kaparo, rame se fella hodima wona ke ho hlobola.
7 Ba hlola bosiu ba hlobotse, ba se na dikobo; ha ba na moo ba ipolokang serameng.
Motsheare letsatsi le ne le ntjhesa, bosiu ke hatsela, mme ke hlobaela. Ke seo ke neng ke le sona.
O nkile peeletso ho ngwaneno a se na molato, ba hlobotseng bona wa ba hlokisa le nketlana.
Ba tsamaisa mafutsana a se na le nketlana, a thotha dihlopha tsa koro a ntsa lapile,
A kotula dijo masimong a ba kgopo. A kgwahlapise morara rapeng tsa ba kgopo.
Mafutsana a kolobiswa ke medupe ya thaba, a be a maname mafikeng ke ho hloka lephephe.
Ha lehlwa le kgetheha letswalo ha a na lona, bohle ba lapa la hae ba apesitswe tse mofuthu;
Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.
Kereke ya eba le kgotso Judea yohle, le Galelea, le Samaria; ya bopeha, ya phela ka ho tshaba Morena, mme ya anafala ka kgothatso ya Moya o Halalelang.