Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 24:5 - BIBELE

5 “Jwaloka tonki e hlaha, lehwatateng, mafutsana a tsohella mosebetsing, ho ya sela, lefeella ke lona le fepang bana ba wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bonang, jwaloka dipitsi feelleng, ba tswela dijong e sa le ka meso; ke nahathothe feela ba ka fumanelang bana ba bona bohobe.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 24:5
16 Referencias Cruzadas  

E tla ba monna ya kang tonki ya naha ka bohlaha, o tla lwantsha bohle, mme bohle ba tla mo lwantsha; o tla aha ka botjhabela ho bana babo bohle, a ba lwantshe.”


O tla phela ka sabole ya hao, mme o tla sebeletsa moena hao, empa ha nako ya ho itokolla e fihla, o tla monyola molala wa hao jokong ya hae.”


Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.


Mmolai o tsoha ha mafube a hlaha, a bolaye mofumanehi, a bolaye le mofutsana; athe bosiu teng o fetoha leshodu hantle.


A kotula dijo masimong a ba kgopo. A kgwahlapise morara rapeng tsa ba kgopo.


kotulo ya sona e jewa ke ya lapileng a ituletse, a e honyolle leha e le kahara meutlwa, batupi bona ba nyoretswe leruo la sona.


Motho yena o ikela mosebetsing wa hae, a yo sebetsa ho fihlela mantsiboya.


Ha ba sa etse bokgopo ha ba robale, ba fadimehiswa ke takatso ya ho bolaya.


o ka tonki e hlaha, e tlwaetseng lehwatata, e fofonelang moya ha e fihletswe ke takatso; ha e palesitse e ka thibelwa ke mang? Poho tse e batlang di ke ke tsa ikgathatsa, di tla e fumana ka kgwedi ya ho tlolelwa.


Dipelo tsa bona di tjhesa sa sebopi, ha ba qatjhame, ba laletse kgosi. Kgalefo ya bona bosiu e a kekela, ere bo esa e tuke sa malakabe.


Ba nyolohile, ba ikela Asiria, sa tonki e hlaha, e lelerang le naha; Efraime yena o ikgiretse basireletsi.


Ho madimabe ba rerang bolotsana, ba nahanang bokgopo ba le diphateng tsa bona! Ha bosiu bo esa ba a bo phethathatsa, hobane ba na le matla a ho etsa jwalo.


Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.


Jwale Bajuda ba tloha ha Kaiafa, ba isa Jesu tlung ya bobusisi, e sa le kameso. Bona ha ba a ka ba kena ka tlung ya bobusisi, hore ba tle ba je Paseka ba sa silafala.


Yare ha bo esa, Bajuda ba etsa mmomori, mme ba ikana hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa letho, ba eso bolaye Paulosi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos