Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 24:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Bonang, jwaloka dipitsi feelleng, ba tswela dijong e sa le ka meso; ke nahathothe feela ba ka fumanelang bana ba bona bohobe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Jwaloka tonki e hlaha, lehwatateng, mafutsana a tsohella mosebetsing, ho ya sela, lefeella ke lona le fepang bana ba wona.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 24:5
16 Referencias Cruzadas  

Haele yena o tla tshwana le pitsi e hlaha, letsoho la hae le tla lwantsha bohle, mme letsoho la bohle le tla mo lwantsha, mme o tla aha pontsheng ya banababo kaofela.


empa o tla phela ka lerumo la hao, o sebeletse moenao; etlare ha o etsa ka matla, o tla roba joko ya hae, o e kwele molaleng wa hao.


Boiketlo bo ditenteng tsa basenyi, kgotso e teng ho ba sa reng letho ka Modimo, bao matla a bona e leng modimo wa bona.


Mmolai o tsoha e sa le ka meso, o bolaya mofutsana le mohloki; bosiu o a utswa.


Ba batla ho ja ha bona masimong; ba thonaka merareng ya bakgopo.


Ya lapileng o ya ja kotulo ya lona, o ya nka le hara meutlwa, mme leshodu le hlwibila menono ya lona.


Ebe motho o tswela tshebetsong ya hae le mosebetsing wa hae ho fihlela mantsiboya.


Hobane ha ba na ho robala ba eso ho ka ba etsa bobe; ba fadimehiswa ke ho ngongoreha, ha ba sa ka ba diha motho pele.


Ke pitsi e tshehadi e lemaletseng lefeelleng, e fofonelang moya ka takatso ya yona; ho matheng ha yona e ka kgannwa ke mang? Tse tona tse e batlang di ke ke tsa e kgathalla, di ya e fumana kgweding ya yona.


Hobane ba isa pelo tsa bona makunutung a bona jwaloka seboping. Moapehi wa bona o robala bosiu bohle, hosasa sebopi se tuka ka malakabe a mollo.


Hobane bona ba ya Assiria. Pitsi yona e itshalla e nnotshi; empa Efraime o ipatlela barati ka dineo.


Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.


Marena a wona ke ditau tse rorang hara wona; baahlodi ba wona ke diphiri tsa phirimana tse sa bolokeleng hosasane letho. Baporofeta ba wona ke baithorisi, banna ba bohata;


Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.


Eitse hobane bo se, Bajuda ba bang ba etsa morero, mme ba itlama ka ho hlapanya, ba re, ba ke ke ba enwa, leha e le ho ja, ba eso ho bolaye Pauluse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos