O tla jala, empa o ke ke wa kotula; o tla nepola ditholwana tsa mohlwaare, empa o ke ke wa tlola ole, o tla hlotlha metsi a morara, empa o ke ke wa nwa veine ...
Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.
Se tla ja katiso ya makgomo a hao, le dijo tsa lefatshe la hao, o be o fele; se ke ke sa o tlohella letho leha e le koro, leha e le veine e ntjha, leha e le ole, leha e le se tswalwang ke dikgomo le dinku tsa hao, se be se o fedise.