“Le tla jala, empa le ke se kotule letho; le tla tlhotla tholwana tsa mohlwaare, empa le ke se itlotse ka ole ya tsona; le tla tlhotla tholwana tsa morara, empa le ke se nwe veine ya tsona.
Se tla ja tswala ya diphoofolo tsa hao, le ditholwana tsa naha ya heno, ho fihlela se o timetsa. Ha se na ho o siela koro, kapa veine, kapa ole, kapa manamane a dikgomo tsa hao, kapa tswala ya mehlape ya hao, ho fihlela se o timetsa.