8 O tla fela sa toro, a se hlole a fumanwa; jwaloka pono ya bosiu a nyamele.
8 O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.
Yaba ba fanyeha Hamane hona sefateng sona seo Hamane a neng a se etseditse Moredekai. Jwale kgalefo ya kgosi ya kokobela.
Matshabeho a lefu a mo tshosa kahohle, hohle moo a yang teng a mo salame.
o lelekwa leseding, a iswe lefifing, hohle lefatsheng ebe o a falatswa.
Tsietsi di mo wela hodimo jwaloka sekgohola, fefo se mo fefola bosiu ha ho robetswe.
Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”
Ya mponang jwale, ha a sa tla boela a mpona, etlare ha o mpatla ke be ke le siyo!
A phetla mahodimo, a theohela fatshe, leru le letsho le le maotong a hae;
Morena, jwalokaha toro e fela, e fela ha motho a phaphama, le wena ha o tsoha o fedisa seriti sa bona.
Ditshiu tsa ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng; ha re phela hantle, di mashome a robedi. Empa bongata ba tsona ke ba ditsietsi le mahlomola; di feta kapele, ebe re ile.
O fedisa batho hanghang, e be e ke ke toro, ba ka jwang bo melang hoseng.
Sefefo se sheshena ya kgopo se ye le yena, motheo wa ya lokileng o hlola kamehla yohle.
Kgosi eo e tla kgutlela diqhobosheaneng tsa naha ya habo yona, empa e tla hlolwa, mme e timelle ruri.