8 O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.
8 O tla fela sa toro, a se hlole a fumanwa; jwaloka pono ya bosiu a nyamele.
Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.
Matsoso a mo tshabisa ka nqa tsohle, a mo tshosa a mo phalletse.
O lelekwa leseding, a ye lefifing; o tloswa lefatsheng.
matswalo a tla ho yena jwaloka morwallo wa metsi; bosiu o tloswa ke sefefo.
Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.
leihlo la ya mponang ha le sa tla mpona; mahlo a hao a tla mpatla, mme ke tla be ke le siyo!
A kalla kerubime, a fofa, a haola ka mapheo a moya;
Ha eba jwaloka toro phaphamong, wa ba tsosa jwalo, Morena; o entse seriti sa bona ntho feela e nyedisehang.
Matsatsi a ho phela ha rona ke dilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le mmedi; boikakaso ba tsona ke kgathatso le bomadimabe; hobane bophelo ba rona bo fela kapele, bo ikela koo.
O a ba kgohola; ba jwaloka toro; hosasa, ba mela jwaloka jwang;
Jwaloka setsokotsane ha se feta, ya bolotsana o feta jwalo; empa ya lokileng o tiile ka ho sa feleng.
A ntoo lebisa mahlo a hae nqa diqhobosheaneng tsa naha ya hae, mme o tla thekesela, a we, a se ke a hlola a fumanwa.