Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 20:7 - BIBELE

7 o tla timella ruri jwaloka thete la hae, ba mmoneng ba re: ‘Ekaba o nyametse kae?’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 leha ho le jwalo, o tla fela jwaloka lethete la hae, ka ho sa feleng; ba mmoneng ba tla re: O kae?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 20:7
16 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ka baka leo, ntlo ya Jeroboame ke tla e dihela koduwa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Jeroboame; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Ke tla timetsa masalla a lelapa la Jeroboame, jwalokaha motho a besa kgapane, e ba e re lore!


Mosohlo wa hae o tla tlalatlala hara tshimo ya Jesereele, jwaloka kgapane hara naha, hoo batho ba sa tlo hlola ba tseba le ho re: Enwa ke Jesabele!’ ”


Empa motho yena o a shwa, a fellwe ke matla, a neele moya, ebe jwale o kae?


Hoja motho o a shwe, a boele a phele, ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka ka nako tsohle, ka emela topoloho ya ka ya ba ya fihla.


O mo hlolela ruri, ebe o iketse; o fetola fahleho sa hae, ebe o a mo leleka.


Le ntse le re: ‘Lapa la sekwele jwale le kae? Malapa a ba kgopo wona a kae?’


O robala a ruile e le kgetlo la ho qetela; ere ha a phaphama a tsohe a itlhophere.


Le ba tjhabela ba phela, le dikele ba fedile, ba timelle ruri, ba sa natswe ke motho.


ha a ke ke a kgutla, a kgutlela lapeng la hae, tulo tsa hae di sala di le feela, a ke ke a hlola a dula tulong tsa hae.


Ha se fotholwa bakeng seo, baka seo se tla latola, se re: ‘Nna ha ke o tsebe!’


Ya kgopo ha a bona hoo, o a tlallana, o tsikitlanya meno, o a monyela; takatso ya ya kgopo e tla fela.


Ha e le nna ke ile ka re: “Morena, nkgauhele, mphodise hobane ke o sitetswe.”


Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone,


Leha o ka tsoma dira tsa hao, ha o ka ke wa ba wa di fumana. Batho ba o futuhelang ka ntwa ba tla tshwana le lefeelafeelane,


A tla beelwa letsatsi le kgwedi le dinaledi tsohle tsa lehodimo, e leng tseo beng ba masapo ana ba neng ba di rata, ba di sebeletsa, tseo ba neng ba di sala morao, ba kopa thuso ho tsona, ba di kgumamela. Ha a ka ke a bokellwa kapa a epelwa hape; a tla tshwana le kgapane e tletsatletseng hara naha.


Leha o ka fofela hodimo sa ntsu, wa haha hlaha sa hao, wa se haha hara dinaledi, ke tla o tlosa hona moo, ke o theole,” ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos